Phihlello ea kapele
Na ke moamoheli oa liabo?
Hlahloba haeba u tšoaneleha le ho utloisisa hore na sena se bolela’ng ho uena.
Seo u tla se etsa le hore na u tla se etsa neng:

Hlahloba lintlha tsa hau (hona joale)
- Netefatsa hore u moamoheli oa liabo le hore ID ea hau e nepahetse, selefounu le lintlha tsa banka li nepahetse.
- Tsela e potlakang ka ho fetisisa: JIS portal https://www.investecss.co.za/thusano/account/logon (sebelisa nomoro ea ID/nomoro ea mosebetsi).
- Kapa letsetsa 086 125 5525 / 086 143 3659
- Mošupologo go fihla ka Labohlano: 08:00 – 19:00; Mokibelo: 09:00 – 14:00
- USSD 1201138# (haeba u na le nomoro ea ID ea Afrika Boroa)
- Ngola Molaetsa ho Selefounu ho +27 83 680 0079
- Kapa etela Teba.

Khetha seo u tla se etsa
(ka 22 Pulungoana 2025)
- Rekisa liabo tsohle tsa hau (u tla fumana chelete, kamor’a ho hula lekhetho); kapa
- Fetisetsa liabo tsa hao ho broker (ha ho chelete hona joale); kapa
- Etsa tsena ka bobeli (rekisa tse ling, fetisa e setseng).
Haeba u sa etse khetho ka 22 Pulungoana 2025, sena ke se tla etsahala: liabo tsa hao li tla rekisoa kamor’a ho tsetolloa ‘me chelete (kamor’a ho hula makhetho) e tla lefshoa akhaonteng ea hau ea banka e bolokiloweng litlalehong.

Haeba u etsa phetiso, bula akhaonte ea broker
(pele ho Tšitoe 2025)
- Sebedisa tšebeletso ea khoebo ka liabo ea banka ea hao kapa litšebeletso tsa broker efe kapa efe e nang le mangolo a ho tšoaneleha ea JSE.
- E ba le lintlha tsa akhaonte ea broker e le hore phetiso e ka etsoa phollatsi.

Letsatsi la tsetollo
(1 Tšitoe 2025)
- Qetello ea lilemo tse 15. Trust e qala tšebetso ea ho rekisa/ho fetisa liabo ho latela khetho ea hau le ho qala mehato ea ho koala.

Kamoo boleng bo behoang kateng
(Tšitoe 2025 – Hlakola 2026)
- Haeba ho rekisoa, liabo li rekisoa nakong ea matsatsi a ‘maloa; theko e akaretsang e a sebelisoa e le hore e mong le e mong ea rekisang o fumana theko e tšoanang ea seabo ka seng.
- Litheko tsa liabo li ka nyoloha kapa li ka theoha; Trust e ke ke ea khona ho lepa litheko tsa ka moso.

Makhetho a sebelisoang
- Trust e fumana litaelo tsa lekhetho ho tsoa ho SARS le ho hula makhetho pele ho lefshoa chelete kapa e fetisoa.
- Haeba u etsa phetiso, u ka rekisa karolo e nyenyane ho lefella makhetho/litefiso kapa ho a lefella ka kotloloho (broker ea hau/JIS ba tla u tataisa).

U tla fumana boleng ba hau
(ho tloha ka la 2 Hlakubele 2026)
- Ho rekisa: chelete (kamor’a ho hula lekhetho le litefiso) le lefshoa akhaonteng ea hau ea banka e bolokiloweng litlalehong.
- Phetiso: liabo tsa hau li fetisetsoa akhaonteng ea broker ea hau.
- U fumana netefatso ho latela mokhoa oa boikopanyo oo u o khethileng.

Boloka litlaleho tsa hau
- U tla fumana setifikeiti sa lekhetho bakeng sa tefello/phetiso.
- Trust e tsoela pele ho sala morao mohlala oa baamoheli ba liabo ba sa lefshoang ho fihla ka Hlakubele 2028.
Likeletso tsa kapele
- Nchafatsa lintlha tsa hau tsa banka ho etsa bonnete ba hore u fumana tefello akhaonteng e nepahetseng.
- Hlophisa lintlha tsa broker esale pele haeba u rera ho boloka liabo tsa hau.
- Na u hloka thuso?
- Letsetsa 086 125 5525 / 086 143 3659
- Mošupologo go fihla ka Labohlano: 08:00 – 19:00; Mokibelo: 09:00 – 14:00
- USSD *120*1138# (for those with a South African ID number)
- Romela mongolo oa selefunu ho +27 83 680 0079,
- Kapa etela Teba (click here for a list of TEBA offices).
Ipoloke o tšireletsehile ho masholu le baqhekelli
- Le ka mohla Thusano Trust/JIS ba ke ke ba kopa hore u ba lefe tefiso ea ho lefa kapa ea phetiso.
- Ke feela makhetho a molao le litefiso tsa botsamaisi tse lefshoang (tsena li tsamaisoa ke Trust/JIS).
- Haeba u se na bonnete, letsetsa linomorong tse mona kaholimo pele o arolelana le batho ba bang leseli la hau la botho kapa lintlha tsa banka.