Ka kopo bala leseli le latelang e le hore u fumane kutloisiso mabapi le ho boloka chelete, ho tsetela, le ho etsa lenaneo la ho sebedisa chelete e leng eona bajete, le likeletso tse ling tsa ho laola chelete ea hau.
Ithute le ho hola
Trust ha se feela mabapi le liabo — ke mabapi le ho haha tsebo ka bokamoso.

Melao ea ho boloka chelete le ho tsetela
Ho boloka chelete ho bolela hore o behella ka thoko chelete ka mokhoa o sireletsehileng bakeng sa nako e khutsoanyane (ka mohlala, akhaonteng ea banka). Ho tsetela ho mabapi le ho sebelisa chelete ho etsa hore e hole ha nako e ntse e feta — ka ho tloaelehileng ho na le kotsi e eketsehileng, empa hape ho na le monyetla oa hore u fumane tsoala e kholo.
- Ho boloka chelete = polokeho + phihlello e bonolo. Sena se setle maemong a tšohanyetso.
- Ho tsetela = kholo + mamello. Ho tsetela ho molemo haholo bakeng sa lipakane tsa nako e telele tse kang thuto kapa nako ea ho beha meja fatše.
Keletso: Qala ho tsoaka — kamehla boloka chelete bakeng sa maemo a tšohanyetso le ho nahana ka ho tsetela chelete eo o ka e khonang e le hore e hole.


Ho utloisisa liabo le kabo ea tsoala
Seabo ke karoloana ea ho ba mong oa khamphani. Haeba u na le liabo, ho bolela hore u na le karoloana ea hau khoebong.
- Nakong eo khamphani e etsang profiti, o ka lefshoa tsoala —karolo ea profiti e joalo — e lefshoang batshoari ba liabo.
- Hape liabo li a rekisoa: haeba liabo li ea holimo, u ka etsa phaello. Haeba li theoha, li lahlehloa ke boleng.
- Liabo tsa Thusano Trust li nehile baamoheli ba liabo bobeli: kabo ea tsoala nakong ea lilemo tse 15 me hona joale, nakong ea ho tseteolla, ho na le monyetla oa ho rekisa kapa oa ho fetisa liabo tsa bona.

Likeletso lichelete tsa motho ka mong
Mekhoa e metle ea ho tšoara chelete e haha botsitso:
- Bajete: Ngola fatše lekeno le litšenyehelo — tseba hore na chelete ea hau e ea hokae.
- Qoba maraba a hokena likolotong: E ba seli haholo bakeng sa likalimo tsa chelete tse nang le tsoala e phahameng le ho reka mabenkeleng ka mokitlane.
- Boloka chelete kamehla: Esita le chelete e nyenyane e a hola ha nako e ntla e feta.
- Rera bakeng sa nako e tlang: Boloka chelete ka thoko bakeng sa litefello tsa sekolo, maemo a tšohanyetso, kapa nako ea ho beha meja fatše.
- Tšireletsa seo u nang le sona: Etsa bonnete ba hore lintlha tsa hao tsa banka li tšireletsehile lle o ntše mahlo linameng bakeng sa masholu le baqhekelli.

Mantsoe a sebelisitsoeng tokomaneng ena
Mantsoe a lichelete a ka ferekanya. Mona ke tataiso ea kapele:
- Moamoheli oa liabo — ke motho ea fumanang melemo e tsoang ho Trust.
- Kabo ea tsoala — chelete e lefshoang ho tsoa profiting ea khamphani ho batšoari ba liabo.
- Broker — setsebi se nang le laesense se u thusa ho reka, ho rekisa, kapa ho tšoara liabo.
- Ho tsetolla — ke nakong eo liabo tsa hau li fumanehang kamor’a nako ea ho leta.
- Taelo ea lekhethoe — ena ke taelo e tsoang ho SARS mabapi le hore na ke lekhetho le lekae le tlamehang ho huloa tefellong ea hau.
- Khetho ea mohato o nkuwang — ke mohato o iketsahallang haeba u sa etse khetho (bakeng sa Thusano Trust: liabo li a rekisoa ‘me chelete e a lefshoa).

BEE le ho ba Mong oa Thepa
Thusano Trust e thehuoe bakeng sa MaAfrika Boroa ao nakong e fetileng a neng a qheletsoe thoko moruong joale a na le seabo ka kotloloho likhamphaning tsa merafo. Ena ke karolo ea Black Economic Empowerment (BEE), lenaneo la naha le sebetsanang le ho hloka toka ha nako e fetileng le ho etsa bonnete ba hore batho ba eketsehileng ba una melemo mehloling ea Afrika Boroa.
Ka ho ba beng ba liabo, baamoheli ba liabo:
- Ba ile ba fumana likabo tsa tsoala nakong ea Trust.
- Ba ile ba fumana litokelo tsa ho vouta joaloka batšoari ba liabo.
- Joale, ke monyetla oa ho rekisa kapa ho boloka liabo tsa bona kamor’a ho tsetolloa ha tsona.
Sena ha se fane feela ka melemo ea botho — ke karolo ea ho hana ekonomi e kenyeletsang batho ba bangata haholo le e nang le toka.

Bomphato bo thusang
Lisebelisoa tse bonolo ho li sebelisa bakeng sa ho u tataisa.
Sheba matheriale e thusang [li-PDF le li-Video]
Tlhokomeliso: Leseli lena ha le kenyeletse lipakane tsa hau, boemo ba hau ba lichelete, kapa lihloko tsa hau ’me u se itšetlehe ka lona joalo ka le nkang sebaka sa keletso ea litsebi.













