Ho etsa bonnete ba hore u fmana chelate ea hau ntle le tieho, ka kopo hlahloba hore na u sehlopheng sefe lihlopheng tse mona ka tlase le ho romela leseli la hau ho JIS kapele kamoo ho ka khonahalang kateng:

Ke moamoheli oa liabo eo e leng moahi oa Afrika Boroa

  1. Setatemente sa banka (mohla ho sona o se fete likhoeli tse 3)
  2. Bopaki ba aterese (mohla ho bona o se fete likhoeli tse 3)
  3. Selfie (foto ea hau u tšoere Bukana ya ID e ‘mala o motala e nang le bar code ea Afrika Boroa kapa Smartcard ID (mahlakoreng ka bobeli) tlas’a selelu sa hau

Ha ho mohato o hlokahalang haeba akhaonte e ntse e sebetsa.

Ke moamoheli oa liabo ea dulang Naheng e Kantle ho Afrika Boroa (Foreign National

  1. Setatemente sa banka (mohla ho sona o se fete likhoeli tse 3)
  2. Bopaki ba aterese (mohla ho bona o se fete likhoeli tse 3)
  3. Foto ea hao (selfie photo) u e tšehelitse ka selelu sa hau, u butse leqephe la foto

Ha ho mohato o hlokahalang haeba akhaonte e ntse e sebetsa.

Ke mophelisuoa oa mofu eo e neng e le moamoheli oa liabo tsa Thusano Trust eo e neng e le moahi oa Afrika Boroa

  1. Dintlha tsa boikopanyo
  2. ID ea mofu
  3. Bopaki ba bolulo ba mojalefa kapa moabi oa thepa ea mofu ka molao
  4. Setatement sa thepa ea mofu se hatisitsoeng setempe kapa lengolo la netefatso la akhaonte ea banka – MOHLA O NGOTSOENG HO TSONA O SE FETE LIKHOELI TSE 3 / afidaviti e tsoang ho mojalefa.  Haeba setatemente sa banka sa thepa se le sieo, mojalefa o tlameha ho fana ka afidaviti e hlapantsoeng e netefatsang hore thepa (estate) e ile ea phethoa, ‘moho le setatemente sa bona sa banka se hatisitsoeng setempe.
  5. Setifikeiti sa lenyalo (haeba ho sebetsa)
  6. Selfie (foto ea hau u tšoere Bukana ya ID e ‘mala o motala e nang le bar code ea Afrika Boroa kapa Smartcard ID (mahlakoreng ka bobeli) tlas’a selelu sa hau
  7. Setifikeiti sa lefu (Khopi e netefaditsoeng)
  8. Letter of Authority kapa Executorship (Liabo li tlameha ho thathamisoa ho Letter of Authority)

Ke mophelisuoa oa mofu eo e neng e le moamoheli oa liabo tsa Thusano Trust ea neng a dula Naheng e Kantle ho Afrika Boroa (Foreign National)

  1. Dintlha tsa boikopanyo
  2. ID ea mofu
  3. Bopaki ba bolulo ba mojalefa kapa moabi oa thepa ea mofu ka molao
  4. Setatement sa thepa ea mofu se hatisitsoeng setempe kapa lengolo la netefatso la akhaonte ea banka – MOHLA O NGOTSOENG HO TSONA O SE FETE LIKHOELI TSE 3 / afidaviti e tsoang ho mojalefa.  Haeba setatemente sa banka sa thepa se le sieo, mojalefa o tlameha ho fana ka afidaviti e hlapantsoeng e netefatsang hore thepa (estate) e ile ea phethoa, ‘moho le setatemente sa bona sa banka se hatisitsoeng setempe.
  5. Setifikeiti sa lenyalo (haeba ho sebetsa)
  6. Foto ea hao (selfie photo) u e tšehelitse ka selelu sa hau, u butse leqephe la foto
  7. Setifikeiti sa lefu (Khopi e netefaditsoeng)
  8. Letter of Authority kapa Executorship (Liabo li tlameha ho thathamisoa ho Letter of Authority) (Hlokomeliso mabapi le thepa ea batho bao e seng baahi ba naha lengolo le bitsoang Letter of Executorship/ Letter of Authority/ Letter of Transfer tlameha ho lokollwa ke Master of the High Court mona Afrika Boroa)

I Ke mophelisuoa oa mofu eo e neng e le mophelisuoa ea hlokahetseng wa moamoheli oa liabo

  1. Dintlha tsa boikopanyo
  2. ID ea bobeli mofu eo e neng e le motšoari oa liabo le mophelisuoa ea hlokahahetseng
  3. Bopaki ba bolulo (ba mojalefa kapa executor haeba a le lenyalong)
  4. Setatement sa thepa ea mofu (estate) se hatisitsoeng setempe kapa lengolo la netefatso la akhaonte ea banka – MOHLA O NGOTSOENG HO TSONA O SE FETE LIKHOELI TSE 3 / Afidaviti e tsoang ho mojalefa
  5. Foromo ya transmission request e tekennoeng ke executor kapa mojalefa e dumelletsoeng
  6. Setifikeiti sa lenyalo (haeba ho sebetsa)
  7. Selfie (foto ea hau u tšoere Bukana ya ID e ‘mala o motala e nang le bar code ea Afrika Boroa kapa Smartcard ID (mahlakoreng ka bobeli) tlas’a selelu sa kapa Phasepoto e sebetsang (bakeng sa baahi ba lulang linaheng tse kantle ho Afrika Boroa) / Khopi nefaditsoeng ea ID hau (Motho ea etsang tleleimi)
  8. Setifikeiti sa Lefu (Khopi e netefaditsoeng) bobedi ya motšoari oa liabo le mophelisuoa ea hlokahetsng.
  9. Mangolo a mabeli a kathoko a Letter of Authority a hlokahala: lengolo la pele le bontša lintlha tsa motšoari oa pele oa liabo (mofu) ‘me lengolo la bobeli le bontša lintlha tsa mophelisuoa ea hlokahetseng- Hlokomela hore bakeng sa thepa ea batho bao e seng baahi ba Afrika Boroa) lengolo la Letter of Executorship/ Letter of Authority/Letter of Transfer a tlameha ho etsoa “resealed” ke Master of the High Court Afrika Boroa

Ke mophelisuoa oa motšoari oa liabo ea fapaneng le mophelisuoa ea thathamisitsoeng foromong ea batho ba thontsoeng kapa foromong ea ho tsoa ea motšoari oa liabo

  1. Dintlha tsa boikopanyo
  2. ID ea mofu
  3. Bopaki ba bolulo (ba mojalefa kapa executor haeba a le lenyalong)
  4. Setatement sa thepa ea mofu (estate) se hatisitsoeng setempe kapa lengolo la netefatso la akhaonte ea banka – MOHLA O NGOTSOENG HO TSONA O SE FETE LIKHOELI TSE 3 / Afidaviti e tsoang ho mojalefa.
  5. Setifikeiti sa lenyalo (haeba ho sebetsa)
  6. Selfie (foto ea hau u tšoere Bukana ya ID e ‘mala o motala e nang le bar code ea Afrika Boroa kapa Smartcard ID (mahlakoreng ka bobeli) tlas’a selelu sa kapa Phasepoto e sebetsang (bakeng sa baahi ba lulang linaheng tse kantle ho Afrika Boroa) / Khopi nefaditsoeng ea ID hau (Motho ea etsang tleleimi).
  7. Setifikeiti sa lefu (Khopi e netefaditsoeng)
  8. Letter of Authority e thathamisang bajalefa kaofela kamor’a hore Holding Statement sa LOA se tsoang lekhotleng la linyeoe la bao e Seng Baahi ba Naha e lokolloe ke Master of High Court mona Afrika Boroa
  9. Afidaviti e laelang hore na ke joang lichelete li tlamehang ho ajoa

Ke amohetsoe joalo ka mophelisuoa oa moamoheli oa liabo ‘me ke ile ka fumana chelete ea kabo ea tsoala ho tloha nakong ea ho hlokahala ha moamoheli oa liabo

Haeba lintlha tsa banka li sa fetoha, ha ho hlokahale hore o nke mohato ofe kapa ofe.

Kamoo u tlameha ho sebetsana le litokomane tsa hau

U ka li:

  1. Kenya ho imeili holi romela ho JIS: thusano@jseinvestorservices.co.za
  2. U ka isa ka bouena litokomane tsena ofising e haufi le uena ea TEBA ‘me bona ba tla li romela ho JIS bakeng sa hau
  3. Romela litokomane liofising tsa JIS – JSE Building, 1 Exchange Square, 2 Gwen Lane, Sandton, Johannesburg

FICA e bolela’ng?

FICA e emela Financial Intelligence Centre Act 38 of 2001. Ke molao wa Afrika Boroa o sireletsang khahlanong le bosholu le boqhekelli o netefatsang boitsebahatso ba batho nakong ho fetisoang lichelete.

Ke fumana setatemente sa banka hokae?

U ka fumana setatemente se hatisitsoeng setempe ho tsoa ho mosebetsi hara banka ea hau kapa ho tsa mochining oa ATM ka hore u sebelise karete ea hau ea banka.

Lengolo la netefatso la banka (bank confirmation letter) ke’ng?

Lena ke lengolo la banka le fanang ka bopaki ba hore ke uena mong’a akhaonte ea banka.

Commissioner of Oaths ke mang?

Commissioner of Oaths Afrika Boroa ke motho ea lumelletsoeng ho etsa litšebetso tsa likano, linnetefatso, liphatlatso tsa boitlhapanyo, ea etsang bonnete ba ho tšepahala le ‘nete ea lipolelo kapa lisetatemente litokomaneng joalo ka liafidaviti, ‘me a ka boetse a netefatsa likhopi tsa mantlha tsa litokomane, ho thibela bolotsana le boqhekelli le ho boloka botšepehi ba molao.

Bopaki ba aterese ke’ng?

Tokomane efe kapa efe e tsoang ho mofani wa litšebeletso (motlakase; thelefounu) kapa akhaonte ea lebenkele, kapa property lease e bontšang lebitso la hau le aterese ea mohaho.

U fumana joang afidaviti e hlapanyelitsoeng (sworn affidavit)?

Na ID ea hau e be ya ho Commissioner of Oaths (joalo a ofisiri ea lepolesa, ‘muelli oa molao ( attorney) kapa ofishiale oa poso) ‘me o tla netefatsa boitsebahatso ba hau. U tla ba kopa hore ba u nehe foromo ya affidavit kapa u ngole ka bouena tokomaneng e nang le sehlooho Affidavit. U tla ngola lintlha tsa hore, ka mohlala, Moamoheli oa liabo o re “’Na, ke netefatsa hore thepa kapa estate ea (Mabitso a feletseng a mofu le nomoro ea ID) e kwetswe mme e phethilwe, Ka kopo amohelang lintlha tsa ka tsa banka………………… (ka kopo ngola lebitso la banka le nomoro ea akhaonte) le ho tekena ka pel’a Commissioner of Oaths ea tla saena le ho hatisa setempe ho eona, sena se etsa hore e be e tlamang molaong.

Ke fumana hokae khopi ea setifikeiti sa ka sa lenyalo?

Ke fumana hokae khopi ea setifikeiti sa lefu?

Litokomane tse amanang le boitsebiso, boemo ba bophelo le lenyalo tsa baahi ba Afrika Boroa li ka kopuoa liofising tsa Department of Home Affairs (DHA). U ka boela ua kopa litokomane tse itseng ka ho sebelisa portal ea websaete ea Home Affairs: ehome.dha.gov.za/ehomeaffairs.

Khopi e netefaditsoeng ke’ng?

U ka netefatsa khopi ea tokomane ka ho nka tokomane ea mantlha le khopi ‘me u ee ho Commissioner of Oaths. Hang ha ba tekena le ho kenya mohla oa setempe ho khoi eo, e talingoa e netefaditsoe.

Letter of Authority (LOA) ke’ng?

Ke tokomane ea molao e ntšuoang ke Master of the High Court mona Afrika Boroa. Le neha motho ea thontsoeng matla a ho tsamaisa litaba tsa thepa (estate) ea mofu, haholoholo haeba thepa (estate) e ne e le ‘nyenyane’ kapa moo ho se nang lengolo le sebetsang la thato ya mofu (will).

Ke fumana joang lengolo la Letter of Authority le bontšang bajalefa ba mofu?

Letter of Authority (LOA) le ntšuoa ke Master of the High Court haeba boleng ba thepa ea mofu (estate) e le R250,000 kapa ka tlase kapa haeba “intestate administration” e sebetsa.

Master of the High Court o tla hloka:

  • Setifikeiti sa lefu
  • ID ea mokopi (motho ea etsang kopo bakeng sa LOA)
  • ID ea mofu
  • Lengolo la thato ea mofu (will), haeba le le teng
  • Afidaviti ea oa leloko (Form J192) haeba mofu a ile a hlokahala a sa ka a etsa lengolo la thato ea mofu (will)
  • Lethathama la diasete (Inventory of assets) (Form J243)
  • Litokomane life kapalife tsa mojalefa ea thontsoeng (ka mohlala, li-nomination tsa penshene/provident fund, li-nomination tsa trust, direkoto tsa mohiri)
  • Lengolo la Benefit value letter ho tsoa ho JIS kapa fund administrator –sena hangta se hlokahala haeba ho etsoa litefello tse amang di-estate

Bopaki ba kamano, haeba e ameha.

Ho bolela’ng ho ‘reseal’ lengolo la Letter of Authority?

Ka semolao sena se tsejoa e le Signing le Sealing, sena se bolela tšebetso ea molao moo Master of the High Court oa Afrika Boroa a amohelang lengolo la motho eo e seng moahi oa Afrika Boroa la ho khethoa ha executor hore a ka tsamaisa litaba ts liasete tse leng har’a Afrika Boroa.

Ke tokomane ea semolao e ntšuang ke Master of the High Court eo ka semolao e khethang le ho lumella motho (executor) ho tsamaisa le ho phetha thepa (estate) ea mofu, moo boleng ba estate bo leng kaholimo ho R250,000.