Nako ea tefo
JSE Investor Services (JIS) e tla qala ho lefa baamoheli ba liabo ba ileng ba khetha ho rekisa liabo tsa bona, ho tloha ka Hlakubele 2026.
Ho thoe’ng haeba u sa fumane tefello ea hau ka Hlakubele?
Sena se ka bolela hore:

E ka ‘na ea ba u kolota SARS chelete
- Ho latela Section 179(1) ea Tax Administration Act, No.28 oa 2011, SARS e ka nka mehato ea ho bokella kapa ho hula tefello efe kapa efe eo fumanoeng ho tsoa ho Thusano Trust ho lefella sekoloto sa lekgetho.
- Sena se bolela hore JIS e laetswe ka taelo ea IT88 hore e tšoare chelete e kolotoang SARS ho tsoa ho moamoheli oa liabo, ‘me e tla lefa SARS chelete eo.
- Maemong a joalo, JIS e tla u neha hlaloso, ‘me sena se tla bontša setatementeng sa hau sa liabo le setatemente sa netefatso ea chelete e keneng le e hutsoeng akhaonteng ea hau.
- Joalo ka ha se re boletse, JIS le Thusano Trust ba tlanngoe matsoho ho etsa letho bakeng sa moamoheli oa liabo boemong bona, ‘me moamoheli oa liabo o tlameha ho ikopanya le SARS.

Leseli le mabapi le lintlha tsa hau tsa banka le ne le sa kengoa ka ho feletseng kapa le ne le sa fumanehe
- Haeba u le motho ea nang le tokelo ea ho fumana tefello ena, boemo bona bo ka lokisoa ka hore u ikopanye le JIS kapa ofisi ea lona e haufi ea TEBA bakeng sa ho fana ka lintlha tsa banka ea hau le litokomane tse amehang tsa FICA.
- Hang ha sena le lintlha tse ling li nchafalitsoe, JIS e tla etsa tefello, le ha ho le joalo, e ka ba hamorao ka Hlakubele, kapa nakong eo linchafatso tsa lintlha li phethiloeng ka eona ho sistimi

Nakong eo JIS e romelang kopo ho SARS bakeng sa tax directive bakeng sa hau, kopo ena e ile ya hanoa
- Sena se bolela hore lirekoto tsa hau ha li a loka kapa ha li tsamae hantle ‘me u tlameha ho khutlela ho mohiri oa hau haeba u ntse u hiriloe kapa u sebeletsa Gold Fields kapa Sibanye. Hang ha u rarollotse sena, tefello e ka etsoa.
- Haeba u se u sa hlola u sebetsa, tefello ya hau e tla etsoa ka ho sebelisa litheibole kapa manane a makhetho ho tsoa tekanyong ea hau ea ho qetela ea lekeno (income scale).

Haeba u le moahi oa naha e ‘ngoe
- Ho sebetsa le ho bontša lichelete tse kenang le tse huloang akhaonteng ea hau ho ka nka nako e telele ho feta
Ho thoe’ng haeba chelete eo ke e fumaneng e fapane le chelete eo ke ileng ka e bala ho tsoa setatementeng sa ka sa liabo?
- Hlaloso e ka bang teng ke ea hore ho latela Section 179(1) ea Tax Administration Act, No.28 wa 2011, SARS e ka ‘na eaba JIS e ile ea laeloa ka IT88 ho bokella chelete eo u ba kolotang eona ‘me chelete ena e ile ea huloa tefellong.
Maemong a joalo, chelete ya IT88 e tla bontšoa setatementeng sa hau sa liabo le ho setatemente netefatso ya chelete e keneng le e hutsoeng akhaonteng.
U ka letsetsa JIS ho botsa haeba SARS e hutse chelete, empa joalo ka ha re boletse, ena ke taba eo moamoheli oa liabo a tlamehang ho e buisana ka kotloloho le SARS. - Hlaloso e ‘ngoe e ka ba ea hore u ile ua etsa lipalo tsa hau ka tebello ea tefello u sebelisa theko ea liabo e neng e sa tšoane le palo-hare ea thekiso ea liabo eo u ileng ua e tsebisoa kamor’a hore liabo li rekisoe mahareng a Pherekhong 2026 (R739.09 bakeng sa liabo tsa Gold Fields le R56.25 bakeng sa liabo tsa Sibanye-Stillwater). Haeba u se na bonnete ka sena, ikopanye le JIS.
Tsela ea ho ikopanya le SARS
- Sebelisa nomoro ea SARS ea WhatsApp: 0800 11 7277 (boloka nomoro ena founung ea hau e be u qala puisano ka WhatsApp ka ho romela molaetsa ‘Hi’)
- Letsetsa SARS Contact Centre: 0800 00 7277
- Batho ba letsang ho tswa matjhabeng: +27 11 602 2093
- Etela www.sars.gov.za
- Etela ofisi ya SARS e haufi le uena
Ka kopo ikopanye le JIS haeba u na le lipotso life kapa life
- Letsetsa: 086 125 5525 kapa 086 143 3659
- Kantle ho Afrika Boroa: +27 11 713 0000
- Ngolla ho thusano@jseinvestorservices.co.za.
- U ka sheba setatemente sa liabo tsa hau ho profaele ea hau ea JIS https://www.investecss.co.za/thusano/account/logon.
- Tlilika mona ho here bakeng sa hlaloso ea setatement sa hau sa liabo le netefatso ea setatemente sa chelete e keneng le e hutsoeng akhaonteng ea hau.
Re leboha baamoheli ba bangata haholo ba liabo ba ile ba sebelisa monyetla oa ho etsa khetho mabapi le hore na ba lakatsa ho fumana liabo tsa bona joang, ka ho ba le mamello meleng le ho ka ho fana ka lesedi leo ba ileng ba kopuoa hore ba fane ka lona.
Re boela re leboha hore le ile la arolana ka lesedi ho basebetsi-’moho ba lona ba nakong e fetileng la ba hona joale ho etsa bonnete ba hore ba ho sa khonahaleng hore ba fihlelloe ka mecha ya likhokahano le bona ba ka tseba mabapi le ho tsetolloa ha liabo tsa Thusano Trust.

Joalo ka ha le ile la fuwa lesedi, litefello li tla etsoa ka Hlakubele 2026
E ‘ngoe ea lipotso tse kholo ke ena: ‘Ho etsahala’ng hona joale?’
Ka kopo tsoela pele u bala bakeng sa likarabo.
We are pleased to inform you that the sale of your Gold Fields and Sibanye-Stillwater shares has been completed, in keeping with your choice made during the election process.
The traders began selling the shares after the vesting date of 1 December 2025, spreading the sales over approximately six weeks. The sale price differed from day to day, and now that the sales are complete, we have the final, average sale price per share that beneficiaries can use to calculate their payout before tax and fees.
Palo-karolelano ea theko eo liabo li rekisitsoeng ka eona:
Gold Fields
R739.09
Sibanye-Stillwater
R56.25
U ka sheba setatemente sa liabo tsa hau ho profaele ea hau ea JIS https://www.investecss.co.za/thusano/account/logon. Daela *120*1138# ho hlahloba liabo tsa hau le ho fihlella tšehetso. Kapa, u ka iketsetsa karolo ya palo ena haeba u tseba hore na u abetsoe liabo tse kae:
Theko ea ho qetela
ea liabo
Palo ea liabo tseo u li
abetsoeng
Boleng ba chelete ea hau pele ho khulo ea lekhetho le litefello
Gold Fields
R739.09
X
=
Sibanye-Stillwater
R56.25
X
=

TABA EA
BOHLOKOA
ea hau ho sistimi ea JIS / u letsetsa call centre ho sheba setatemente sa hau, u tla lemoha lintho tse peli:
EA PELE:
Hore sistimi e se e kopantse palo e kaholimo bakeng sa hau, hammoho le ho tlosa litefello tse loketseng tsa tsamaiso tseo re ileng ra bua ka tsona. Chelete ena e bontšitsoeng e tla ba chelete ya hau pele ho khulo ea lekhetho.
EA BOBELI:
Sistimi e bua ka 45% ea chelete ea lekhetho. Ka kopo hlokomela hore: ntle le haeba u le sehlopheng se huleloang lekhetho le phahameng haholo, ena ha se pheresente eo tefello ea hau e huloang ya lekhetlo e tla ba eona. Re sa ntse re emetse netefatso e tsoang ho South African Revenue Services (SARS) mabapi le lekhetho le tla sebetsa ho motho ka mong. Ha leseli lena le fumaneha, re tla arolelana le uena setatemente sa hau se nchafaditsoeng.
Ke’ng e ka thibelang hore ke se fumana tefello ea ka?
Ho na le maemo ka kantle ho taolo ea Thusano Trust a ka thibelang moamohedli oa liabo ho fumana tefello ea hae. Mona ho hlalosoa mabaka a mang:
Lebaka
Haeba u sa ka ua fana ka lintlha tse nepahetseng tsa banka
Haeba u se boemong bo botle le SARS
Lebaka le thibalang tefello
Tefello ka ‘ngoe e kena akhaonteng ea banka ya moamoheli oa liabo. Sena se ke ke sa etsahala haeba ho se na lintlha tse sa sebetseng tsa akhaonte ea banka.
Haeba moamoheli oa liabo a sa ka a romela li-tax return le/kapa a sa lefa lichelete tseo a li kolotang SARS ‘me a sa etsa lihlophiso tsa ho rarolla sena le SARS, SARS ho latela Karolo ea 179(1) ea Tax Administration Act, No.28 of 2011, e ka qala mehato ea ho bokella kapa ho hula tefello efe kapa efe e tsoang ho Thusano Trust khlanong le sekoloto sena sa lekhetho.
Hore na ho tla etsahala’ng
Tefello e tla lula akhaonteng ea Thusano Trust ho fihlela lintlha tsa akhaonte ea hau li fumaneha.
SARS e ka laela Thusano Trust ho tšoara lichelete tseo moamoheli oa liabo a li kolotang SARS, e le hore a se fumane karolo e itseng ea chelete kapa chelete kaofela.
Hore na u ka lokisa sena joang
Haeba u eso ka u fana ka lintlha tsa hao tsa banka ho JIS kapa haeba o se na bonnete mabapi le hore na e be lintlha tsa hau tsa banka li tlalehiloe ka nepo, ikopanye le JIS kapa TEBA ho fana ka tsona.
Hlahloba le SARS (kapa ho Income Tax statement ea akhaonte ea e-filing) hore ha o na lichelete life kapa life tse o li kolotang kapa li-return tseo o ba kolotang tsona. Haeba ho joalo, ikopanye le ofisi e haufi le uena ya SARS le ho etsa lihlophiso tsa ho lefa lichelete tseo o li kolotang.



